Sefela Sa Salomone 1:7-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Wena ya ratwang ke moya wa me, mpolelle moo o disang, moo o bothisang mohlape wa hao motshehare; hobane nka tshwana keng le mosadi ya lelerang hara mehlape ya dithaka tsa hao?

8. Ha o sa tsebe, wena e motle hara basadi, o latele mehlala ya dinku, o fudise dipotsanyane tsa hao pela maphephe a badisa. —

9. Thatohatsi ya ka, ke o tshwantsha le semathi sa dipere tsa makoloi a Faro.

10. Marama a hao a matle dipakeng tsa meqhaka, le molala wa hao dipakeng tsa masihla.

11. Ke tla o etsetsa meqhaka ya kgauta e homilweng ka mahlo a silefera.

12. Morena ha a ntse a dutse tafoleng, nareda ya me e ntse e ntsha monko wa yona.

13. Moratuwa wa me o ho nna jwaloka letlenyana la mirra le hoketsweng sefubeng sa me.

14. Moratuwa wa me o ho nna jwaloka lesihla la kiprese merareng ya Ene-Gedi.

15. Bona, o motle, thatohatsi ya ka, o motle; mahlo a hao eka a leebakgorwana.

16. Moratuwa wa me, bona, o motle, o a rateha; tao tsa rona ke botala.

17. Difero tsa ntlo ya rona ke dikedare, mme maballo a rona ke dikiprese.

Sefela Sa Salomone 1