Sakaria 9:10-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.

11. Haele wena, ka baka la madi a selekane sa hao, ke tla lokolla batshwaruwa ba hao sekoting se se nang metsi.

12. Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi.

13. Hobane ke tla ikobela Juda jwaloka seqha, ke se tjhehe ka Efraime; ke tla tsosa bara ba hao, Sione, ke ba nehelle bara ba hao, Jafane; ke tla o etsa o be jwaloka lerumo la senatla.

14. Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa;

15. Jehova wa makgotla o tla ba sireletsa; ba tla ja dira tsa bona, ba hatakele majwe a matjeketjane; ba tla nwa madi a tsona, ba be ba hobe jwaloka hoja ba nwele veine; ba tla tlala jwaloka morifi wa mahlabelo, jwaloka dintlha tsa aletare.

16. Jehova, Modimo wa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, jwaloka mohlape oo e leng setjhaba sa hae; hobane ba tla ba jwaloka mahakwe a phatsimang a moqhaka lefatsheng la hae.

17. Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana.

Sakaria 9