Sakaria 8:20-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ho sa tla tla ditjhaba le baahi ba metse e mengata;

21. baahi ba motse o mong ba tla ya ho ba o mong, ba ntse ba re: A re yeng! re yeng ho rapela sefahleho sa Jehova le ho batla Jehova wa makgotla! le rona, re tla ya!

22. Ditjhaba tse ngata le merabe e matla e tla tla ho batla Jehova wa makgotla Jerusalema, le ho rapela sefahleho sa Jehova.

23. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Tshiung tseo, banna ba leshome ba dipuo tsohle tsa ditjhaba ba tla itshwarella ka moseho wa kobo ya monna wa Mojuda, ba re: Re tla ya le lona, hobane re utlwile hoba Jehova o na le lona.

Sakaria 8