Sakaria 8:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba lentswe la Jehova wa makgotla le a tla, la re:

2. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke boulela Sione ka poulelo e kgolo, ke bile ke o boulela ka kgalefo e kgolo.

3. Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!

4. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ho sa tla ba banna ba baholo le basadi ba baholo ba dulang mapatlelong a Jerusalema, ba tshwereng e mong le e mong lere la hae ka letsohong la hae, ka baka la bongata ba ditshiu tsa bona;

5. mapatlelo a motse a tla tlala bashanyana le banana ba bapalang mapatlelong a wona.

6. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Leha taba eo e ka ba thata mahlong a masala a setjhaba sena, matsatsing ao, na le mahlong a ka e ka ba thata, ho botsa Jehova wa makgotla?

7. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke ya pholosa ba setjhaba sa ka lefatsheng la Botjhabela le lefatsheng la Bophirimela;

8. ke tla ba tlisa, ba tle ba ahe kahara Jerusalema, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona ka nnete le ka ho loka.

9. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Matsoho a lona a ke a tiye, lona ba utlwang mantswe ana a tswang melomong ya baporofeta tshiung tsena, e leng tseo ho theilweng ka tsona ntlo ya Jehova wa makgotla, e leng tempele, hore e hahuwe.

10. Hobane pele ho tshiu tseo, moputso wa motho o ne o le siyo, le moputso wa phoofolo o ne o le siyo, mme ho ya yang le ho ya kgutlang ho ne ho se kgotso ka baka la sera; mme ke ne ke nehela batho bohle hore ba lwantshane.

11. Empa jwale, ho masala a setjhaba sena, ha ke sa tla ba seo ke neng ke le sona tshiung tsa pele, ho bolela Jehova wa makgotla.

12. Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.

Sakaria 8