Sakaria 7:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Na ha le elellwe mantswe ao Jehova a neng a a bua ka baporofeta ba pele, ha motse wa Jerusalema o sa ntse o ahilwe, o dutse ka kgotso, metse ya wona e le kamathoko ho wona, naha e ka nqa borwa le lehwatata di sa ahilwe?

8. Yaba lentswe la Jehova le tlela Sakaria, la re:

9. Ho ne ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ahlolang ka kahlolo ya nnete, le etse ka mohau le ka lereko, e mong le e mong ho ngwanabo;

10. le se ke la hlorisa mosadi wa mohlolohadi, le kgutsana, le moditjhaba, le mofutsana, le se ke la rerela ngwanabo lona kotsi pelong tsa lona.

11. Empa ba hanne ho mamela, ba satalatsa mahetla a bona; ba etsa ditsebe tsa bona boima, hore ba se ke ba mamela;

12. le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.

Sakaria 7