Sakaria 7:12-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. le pelo tsa bona ba di fetola lehakwe, hore ba se ke ba utlwa molao le mantswe ao Jehova wa makgotla a neng a ba romela wona, e leng ka baporofeta ba pele; yaba ho hlaha kgalefo e kgolo e tswang ho Jehova wa makgotla.

13. Jwalokaha a ne a bitsitse, mme ba sa ka ba utlwa, ba tla bitsa, mme nke ke ka utlwa, ho bolela Jehova wa makgotla;

14. ke tla ba qhalanyetsa ka sefefo hara ditjhaba tsohle tseo ba sa di tsebeng. Efela lefatshe la sala le senyehile kamora bona, ha ba ha hlokeha ya yang, kapa ya kgutlang ka lona; hobane ba fela ba fetotse naha e ratehang tshenyeho.

Sakaria 7