Sakaria 7:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa bone sa ho busa ha morena Dariuse, lentswe la Jehova la tlela Sakaria.

2. Ka la bone la kgwedi ya boroba mono o le mong, e leng la Kislefe, ba Bethele ba roma Sharetsere, le Regeme-Meleke le batho ba bona ho ya rapela sefahleho sa Jehova,

3. ho botsa baprista ba ntlo ya Jehova wa makgotla le baporofeta, ho re: A ke sa tla lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha ke entse ka lemo tseo tse kalo na?

4. Yaba lentswe la Jehova wa makgotla le ntlela, la re: O bolelle setjhaba sohle sa naha le baprista, o re:

5. Ha le nnile la itima dijo le ho lla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka le ne le itimela nna na?

6. Ha le ntse le eja, le enwa, na hase lona ba jang, hase lona ba nwang na?

7. Na ha le elellwe mantswe ao Jehova a neng a a bua ka baporofeta ba pele, ha motse wa Jerusalema o sa ntse o ahilwe, o dutse ka kgotso, metse ya wona e le kamathoko ho wona, naha e ka nqa borwa le lehwatata di sa ahilwe?

8. Yaba lentswe la Jehova le tlela Sakaria, la re:

9. Ho ne ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ahlolang ka kahlolo ya nnete, le etse ka mohau le ka lereko, e mong le e mong ho ngwanabo;

Sakaria 7