1. Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme ka bona ho hlaha makoloi a mane a tswang mahareng a thaba tse pedi, thaba tseo e le thaba tsa koporo;
2. koloing ya pele, e le pere tse kgunong; koloing ya bobedi, e le pere tse ntsho;
3. koloing ya boraro, e le pere tse tsweu; koloing ya bone, e le pere tse phatswa, tse matla.
4. Ka bolella lengeloi le neng le bua le nna, ka re: Tseo keng monga ka?
5. Yaba lengeloi le nkarabela, la re: Tseo ke meya e mene ya lehodimo e tswang moo e emang pela Morena wa lefatshe lohle.
6. Dipere tsa koloi e nngwe, e leng tse ntsho, di tswela lefatsheng la Leboya, tse tsweu di latela mehlaleng ya tsona, tse phatswa di tswela lefatsheng la Borwa;
7. haele tse matla, di a tswa, di pheheletse ho tloha, ho ya le lefatshe lohle. Mme Jehova a re: Tlohang, le ye le lefatshe. Yaba di ya le lefatshe.