1. Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme ka bona ho hlaha makoloi a mane a tswang mahareng a thaba tse pedi, thaba tseo e le thaba tsa koporo;
2. koloing ya pele, e le pere tse kgunong; koloing ya bobedi, e le pere tse ntsho;
3. koloing ya boraro, e le pere tse tsweu; koloing ya bone, e le pere tse phatswa, tse matla.
4. Ka bolella lengeloi le neng le bua le nna, ka re: Tseo keng monga ka?
5. Yaba lengeloi le nkarabela, la re: Tseo ke meya e mene ya lehodimo e tswang moo e emang pela Morena wa lefatshe lohle.
6. Dipere tsa koloi e nngwe, e leng tse ntsho, di tswela lefatsheng la Leboya, tse tsweu di latela mehlaleng ya tsona, tse phatswa di tswela lefatsheng la Borwa;
7. haele tse matla, di a tswa, di pheheletse ho tloha, ho ya le lefatshe lohle. Mme Jehova a re: Tlohang, le ye le lefatshe. Yaba di ya le lefatshe.
8. Lengeloi la mpitsa, la re ho nna: Bona, tse tswelang lefatsheng la Leboya di isitse bohale ba ka ka lefatsheng la Leboya.
9. Lentswe la Jehova la ntlela, la re:
10. Nka dimpho ho ba tswang kgolehong, ho Heldai, le Tobija, le Jedaia ... ke ho re, o ye ka tsatsi lena, tlung ya Josiase, mora Sofonia, moo ba fihletseng teng, ha ba etswa Babilona;
11. o nke silefera le kgauta ho bona, o etse meqhaka ka tsona: o e bee hodima hlooho ya Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake;
12. mme o re ho yena: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bona, ho tla hlaha monna; lebitso la hae ke Lehlomela; o tla mela bodulong ba hae, a hahe ntlo ya Jehova.
13. Ke yena ya tla haha ntlo ya Jehova; o tla apara kganya, a dule e le morena teroneng ya hae; hape, e tla ba le moprista teroneng ya hae, mme morero wa kgotso o tla ba teng mahareng a bobedi boo.