Sakaria 5:9-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Jwale, ka emisa mahlo a ka, ka tadima; mme bonang, ha hlaha basadi ba babedi, mapheo a bona a tletse moya, ba ne ba na le mapheo a jwaloka mapheo a mokotatsie; mme ba emisetsa efa mahareng a lefatshe le lehodimo.

10. Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Bao ba isa efa kae?

11. La re ho nna: Ba e isa lefatsheng la Shinare, ho e hahela ntlo teng, e tla bewa teng, e tle e tiiswe hodima bodulo ba yona.

Sakaria 5