1. Ka boela ka emisa mahlo a ka, ka tadima, mme hang ha hlaha lengolo le phutholotsweng, le fofang.
2. Lengeloi la re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona lengolo le phutholotsweng, le fofang, leo bolelele ba lona e leng ditswe tse mashome a mabedi, le bophara ba lona e le ditswe tse leshome.
3. Yaba le re ho nna: Lona ke thohako e tswelang hodima lefatshe, hobane e mong le e mong ya utswang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ngotsweng ka nqa e nngwe ho lona, mme e mong le e mong ya hlapanyang o tla timetswa ka taba tsa lona tse ka nqa e nngwe.