7. Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!
8. Lentswe la Jehova la ntlela, la re:
9. Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.
10. Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.
11. Yaba ke bua le lengeloi, ka re ho lona: Mehlwaare ena e mmedi e ka ho le letona la kandelare le ka ho le letshehadi la yona keng?
12. Ka boela ka bua la bobedi, ka re ho lona: Keng masihla ao a mabedi a ditholwana tsa mohlwaare tse pela pitsana tse pedi tse masoba tsa kgauta, tseo ho rothang ole ya kgauta ho tsona?