Sakaria 4:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lengeloi le neng le bua le nna la boela la kgutla, la ntsosa, jwalokaha ho tsoswa motho borokong.

2. La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;

3. le mehlwaare e mmedi pela yona, o mong ka ho le letona la nkgo, o mong ka ho le letshehadi.

4. Yaba ke bolella lengeloi le buang le nna, ka re: Ntho tseo keng, monga ka?

5. Lengeloi le buang le nna la nkaraba, la re: Na ha o tsebe hore ntho tseo keng? Ka re: Tjhe, monga ka.

6. Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!

7. Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!

8. Lentswe la Jehova la ntlela, la re:

9. Matsoho a Sorababele a theile ntlo ena, mme matsoho a hae a tla e phetha; mme o tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona.

Sakaria 4