7. Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka.
8. Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!
9. Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng.
10. Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye.