1. Ka boela ka emisa mahlo a ka, mme ka bona monna ya tshwereng kgwele ya ho lekanya letsohong la hae.
2. Yaba ke re: O ya kae! A re ho nna: Ke ya lekanya Jerusalema, ke tle ke bone na bophara ba wona le bolelele ba wona bo bokae?
3. Mme bonang, lengeloi le buang le nna la tswa, mme lengeloi le leng la tla ho le kgahlanyetsa;
4. la re ho lona: matha, o bolelle mohlankana enwa, o re: Jerusalema o tla ahuwa jwaloka naha e phatlaletseng ka baka la bongata ba batho le ba diphoofolo tse ho wona;
5. haele nna, ho bolela Jehova, ke tla ba ho wona lerako la mollo le o teetseng hare, ke be kganya ya wona hara wona.
6. Jo! jo! balehang, lona ba leng naheng ya Leboya, ho bolela Jehova, hobane ke le qhalanyeditse meyeng e mene ya lehodimo, ho bolela Jehova.
7. Jo! Sione, o phonyohe, wena ya ahileng ha moradi wa Babilona!
8. Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae;
9. hobane ke ya tsokotsa letsoho la ka hodima tsona, di tla hapjwa ke ba neng ba di sebeletsa, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile.
10. Duduetsa ka thabo, o nyakalle, wena moradi wa Sione, hobane ke se ke ya tla, ke dule kahare ho wena, ho bolela Jehova.
11. Ditjhaba tse ngata di tla kgomarela Jehova ka tsatsi leo, mme e tla ba setjhaba sa ka; ke tla dula kahare ho wena, o tle o tsebe hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho wena.
12. Jehova o tla rua Juda, e be kabelo ya hae naheng e kgethehileng; o sa tla ikgethela Jerusalema.
13. Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng.