11. Ba tla aha teng, thohako ha e sa tla hlola e eba teng, mme Jerusalema o tla dula ka kgotso.
12. Ke ena kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse futuhelang Jerusalema: nama ya bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto a bona; mahlo a bona a tla bola mekoting ya wona, le maleme a bona a bole melomong ya bona.
13. Ka tsatsi leo, moferefere o moholo o tswang ho Jehova o tla ba teng hara bona, e mong le e mong a tshware letsoho la e mong, letsoho la hae le phahamele hodima letsoho la wa habo.
14. Le yena Juda o tla lwana le Jerusalema; mme ho tla bokellwa menono ya ditjhaba tsohle tse kamathoko, kgauta le silefera le diaparo ka bongata bo boholoholo.
15. Mme kotlo ya pere, le ya mulete, le ya kamele le ya esele, le ya diphoofolo tsohle tse diahelong tseo, e tla ba jwalo; e be jwaloka kotlo eo.
16. Mme masala wohle a ditjhaba tsohle tse neng di futuhetse Jerusalema, a tla nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela Morena, Jehova wa makgotla, le ho etsa mokete wa Metlotlwane.
17. Haele ba meloko yohle ya lefatshe ba sa tlong ho nyolohela Jerusalema ho ya kgumamela Morena, Jehova wa makgotla, ba ke ke ba nesetswa pula.
18. Ba moloko wa Egepeta ha ba sa nyolohe, ba sa tle, le bona ba tla otlwa ka kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka yona ditjhaba tsohle tse sa nyoloheng ho etsa mokete wa Metlotlwane.
19. E tla ba yona kotlo ya sebe sa Egepeta le ya sebe sa ditjhaba tsohle tse sa tlong ho nyolohela Jerusalema ho etsa mokete wa Metlotlwane.
20. Ka tsatsi leo, ho tla be ho ngotswe diklokonyaneng tse dipereng: Kgalalelo ya Jehova; le tsona dipitsa tse ka tlung ya Jehova di tla ba jwaloka merifi e pela aletare.
21. Le dipitsa tsohle tsa Jerusalema le tsa Juda e tla ba ntho tse kgethetsweng Jehova wa makgotla; bohle ba etsang mahlabelo ba tla tla ba nke ho tsona, ba be ba apehe ka tsona; mme ha ho sa tla hlola ho eba Mokanana tlung ya Jehova wa makgotla, ka tsatsi leo.