Sakaria 14:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bona, ho tla letsatsi leo e leng la Jehova, mme ka lona tse hapilweng ha hao di tla arolwa kahare ho wena.

2. Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.

3. Mme Jehova o tla hlaha, a lwantshe ditjhaba tseo, jwaloka mohla a lwanang tsatsing la polao.

4. Maoto a hae a tla ema, ka tsatsi leo, hodima thaba ya Mehlwaare e pela Jerusalema ka nqa botjhabela; mme thaba ya Mehlwaare e tla petsoha, ho qala ka bohare ho isa nqa botjhabela le nqa bophirimela, ho be ho hlahe kgohlo e kgolohadi; karolo e nngwe ya thaba e tla suthela nqa leboya, e nngwe e suthele nqa borwa.

5. Le tla baleha ka kgohlo ya dithaba tsa ka, hobane kgohlo ya dithaba tseo e tla fihla Atsele; le balehe jwaloka mohla le balehileng ka baka la tshisinyeho ya lefatshe, mehleng ya Osiase, morena wa Juda. Mme Jehova, Modimo wa ka, o tla tla, a ena le bahalaledi kaofela!

6. Ka tsatsi leo, lesedi le tla ba siyo, kganya ya dinaledi e fifatswe.

7. E tla ba letsatsi le nnotshi, le tsejwang ke Jehova: le ke ke la eba le nyene, leha e le bosiu; empa nakong ya mantsiboya, lesedi le tla ba teng.

8. Ka tsatsi leo, metsi a kollang a tla tswa Jerusalema, karolo e nngwe ya wona e phallele lewatleng la Botjhabela, e nngwe e phallele lewatleng la Bophirimela; ho nne ho be jwalo lehlabula le mariha.

Sakaria 14