1. Bona, ho tla letsatsi leo e leng la Jehova, mme ka lona tse hapilweng ha hao di tla arolwa kahare ho wena.
2. Hobane ke tla bokella ditjhaba tsohle ho lwantsha Jerusalema; motse o tla hapjwa, matlo a phahlwe, le basadi ba betwe; karolo e nngwe ya batho ba motse e tla iswa kgolehong, empa ba setseng ba setjhaba ba ke ke ba tloswa motseng.
3. Mme Jehova o tla hlaha, a lwantshe ditjhaba tseo, jwaloka mohla a lwanang tsatsing la polao.
4. Maoto a hae a tla ema, ka tsatsi leo, hodima thaba ya Mehlwaare e pela Jerusalema ka nqa botjhabela; mme thaba ya Mehlwaare e tla petsoha, ho qala ka bohare ho isa nqa botjhabela le nqa bophirimela, ho be ho hlahe kgohlo e kgolohadi; karolo e nngwe ya thaba e tla suthela nqa leboya, e nngwe e suthele nqa borwa.
5. Le tla baleha ka kgohlo ya dithaba tsa ka, hobane kgohlo ya dithaba tseo e tla fihla Atsele; le balehe jwaloka mohla le balehileng ka baka la tshisinyeho ya lefatshe, mehleng ya Osiase, morena wa Juda. Mme Jehova, Modimo wa ka, o tla tla, a ena le bahalaledi kaofela!
6. Ka tsatsi leo, lesedi le tla ba siyo, kganya ya dinaledi e fifatswe.
7. E tla ba letsatsi le nnotshi, le tsejwang ke Jehova: le ke ke la eba le nyene, leha e le bosiu; empa nakong ya mantsiboya, lesedi le tla ba teng.
8. Ka tsatsi leo, metsi a kollang a tla tswa Jerusalema, karolo e nngwe ya wona e phallele lewatleng la Botjhabela, e nngwe e phallele lewatleng la Bophirimela; ho nne ho be jwalo lehlabula le mariha.
9. Jehova e tla ba morena wa lefatshe lohle. Ka tsatsi leo, Jehova o tla ba mong, lebitso la hae le be leng.
10. Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.