1. Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena:
2. Bonang, ke ya fetola Jerusalema senwelo sa modikwadikwane ho ditjhaba tsohle tse kamathoko, le Juda o tla ba jwalo, ha ho ntse ho thibeletswe Jerusalema.
3. Hape, ka tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lejwe le boima ho ditjhaba kaofela; bohle ba le emisang ba tla tswa kotsi, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla le bokanela.
4. Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, ke tla otla dipere tsohle ka tshoho le bakalli ka bohlanya, ke tutubollele mahlo a ka hodima ntlo ya Juda, dipere tsohle tsa ditjhaba ke di otle ka bofofu.
5. Dihlooho tsa Juda di tla re pelong tsa tsona: Bao e leng matla a rona ke baahi ba Jerusalema, ka Jehova wa makgotla, Modimo wa bona.