Sakaria 11:9-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Yaba ka re: Ha ke sa tla di alosa! E shwang e shwe; e timelang e timele; haele tse salang, a di ke di je e nngwe le e nngwe nama ya e nngwe.

10. Yaba ke nka thupa ya ka e bitswang Mohau, ke a roba, ke tle ke kgaole selekane sa ka seo ke neng ke se entse le ditjhaba kaofela.

11. Sa kgaolwa ka tsatsi leo; mme tse fokolang tsa mohlape, tse neng di ntlhokomela, tsa lemoha kahoo hobane e be e le lentswe la Jehova.

12. Ka re ho mohlape: Ha ekaba e le ntho e molemo mahlong a lona, nneeng moputso wa ka; ha ho se jwalo, o tloheleng. Yaba ba ntekanyetsa moputso wa ka, ya eba tjhelete tse mashome a mararo.

13. Jehova a re ho nna: E akgelle mmopi wa dipitsa, theko eo e kalo eo ba ntekantseng ka yona! Yaba ke nka tjhelete tseo tse mashome a mararo, ka di akgella mmopi, tlung ya Jehova.

14. Jwale, ka roba thupa ya ka ya bobedi, e leng Ditlamo, ke tle ke fedise kopano mahareng a Juda le Iseraele.

15. Yaba Jehova o re ho nna: O boele o inkele seo e leng sa modisa wa lewatle.

16. Hobane ke ya tsosa lefatsheng ya sa tlong ho hlokomela dinku tse timelang; a ke ke a batla e lahlehileng; e robehileng a ke ke a e oka; le e tsamayang a ke ke a e fepa; empa o tla ja nama ya tse nonneng, a be a petsole le ditlhako tsa tsona.

Sakaria 11