1. Lebanone, bula dikgoro tsa hao, mollo o tle o tjhese dikedare tsa hao.
2. Bokolla, kiprese, hobane kedare e wele, hobane difate tse phahamileng di sentswe. Bokollang, lona dieike tsa Bashane, hobane moru o sa kenweng o dihilwe!
3. Ho utlwahala dillo tsa badisa, hobane kganya ya bona e sentswe; ho utlwahala ho rora ha ditawana, hobane mahlaka a Jordane a sentswe.
4. Jehova, Modimo wa ka, o itse ho nna: Alosa dinku tse bolawang, tseo beng ba tsona ba di bolayang, ba sa bewe molato,
5. mme ba rekisang ka tsona ba re: Ho bokwe Jehova! re ruile! ... mme badisa ba tsona ha ba di qenehele.
6. Hobane ha ke sa tla qenehela baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova; ke se ke tla neela batho bohle, e mong le e mong, matsohong a wa habo le matsohong a morena wa hae; ba tla otla lefatshe, mme nke ke ka ba namolela matsohong a bona.
7. Yaba ke alosa dinku tse bolawang, hara tsona ho le tse fokolang tsa mohlape, mme ka inkela thupa tse pedi, e nngwe ka e rea Mohau, e nngwe ka e rea Ditlamo, ka ba ka alosa mohlape.
8. Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.