Sakaria 10:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Qelang pula ho Jehova ka nako ya dipula tsa selemo: ke Jehova o hlahisang mahadima; o tla ba nea pula ya modupe, a fe e mong le e mong tse melang tshimong ya hae.

2. Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.

3. Bohale ba ka bo tuketse badisa, mme ke tla kgalemela diphooko, hobane Jehova wa makgotla o tla etela mohlape wa hae e leng ntlo ya Juda, a e etse pere ya hae ya bokgabane ntweng.

4. Ho yena Juda ho tla tswa lejwe la ntlha, ho yena ho tswe kgokgwane, ho yena ho tswe seqha sa ntwa, ho tla tswa le ho yena babusi kaofela hammoho.

5. Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.

Sakaria 10