9. Ka re: Bana ke bafe, morena? Yaba lengeloi le buang le nna le re ho nna: Ke tla o bontsha na ke bafe.
10. Monna, ya emeng hara difate tsa mirte, a bua, a re: Ke bao Jehova a ba romileng ho ya le lefatshe.
11. Mme bao ba arabela lengeloi la Jehova le emeng hara difate tsa mirte, ba re: Re ile le lefatshe, mme bona, lefatshe lohle le dutse ka kgotso, le phomotse.
12. Yaba lengeloi la Jehova le ahlamisa molomo wa lona, la re: Jehova wa makgotla, o tla lesela ho le hokae ho hauhela Jerusalema le metse ya Juda eo o e halefetseng ka dilemo tsena tse mashome a supileng na?
13. Jehova a arabela lengeloi le buang le nna ka mantswe a molemo, ka mantswe a matshediso.