Sakaria 1:18-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Jwale, ka emisa mahlo a ka, mme ka bona manaka a mane.

19. Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.

20. Mme Jehova a mpontsha malala a mane.

21. Yaba ke re: Bana ba tlile ho etsang? Mme a bua, a re: Ao ke manaka a qhalantseng Juda, ho seng ho bile ho se motho ya emisang hlooho ya hae, mme bana ba tlile ho a tshosa, ba akgele fatshe manaka a ditjhaba tse emiseditseng lefatshe la Juda lenaka ho le qhalanya.

Sakaria 1