16. Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema.
17. O boele o phahamise lentswe, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Metse ya ka e sa tla tlala menono, e be e kgaphatsehe; Jehova o sa tla tshedisa Sione, o sa tla ikgethela Jerusalema.
18. Jwale, ka emisa mahlo a ka, mme ka bona manaka a mane.
19. Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Ana ke ang? La re ho nna: Ana ke manaka a qhalantseng Juda le Iseraele le Jerusalema.
20. Mme Jehova a mpontsha malala a mane.