Ruthe 4:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ha ho le jwalo, wa habo Ruthe a re ho Boase: Itopollele yona, a ba a rola seeta sa hae.

9. Boase a re ho baholo le ho setjhaba kaofela: Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e bileng tsa Elimeleke, le tsohle tseo e bileng tsa Kilione le tsa Mahalone;

10. le Ruthe wa Moabe, mosadi wa Mahalone, ke ithuetse yena e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la ya shweleng lefeng la hae, le hore lebitso la ya shweleng le se ke la kgaolwa setjhabeng sa habo le lekgotleng la motse wa habo; kajeno le dipaki.

11. Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!

12. Ntlo ya hao e be jwaloka ntlo ya Peretse, eo Tamare a mo tswaletseng Juda, ka bana bao Jehova a tla o nea bona ka morwetsana eo!

13. Ebile Boase o nka Ruthe, ya eba mosadi wa hae; a ya ho yena, mme Jehova a mo emodisa, mme a tswala moshanyana.

14. Basadi ba re ho Naomi: Ho bokwe Jehova, ya sa kang a o tima wa heno kajeno, eo lebitso la hae le tla tuma Iseraeleng.

15. A e ke e be motshedisi wa moya wa hao, le mofepi wa boqheku ba hao, etswe a tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang, e leng motho ya molemo ho wena le ho feta bara ba supileng.

16. Naomi a nka ngwana, a mo sika fubeng sa hae, a mo hodisa.

17. Jwale basadi ba ahisaneng le yena ba mo rea lebitso, ba re: Naomi o tswaletswe moshanyana! Ba bitsa lebitso la hae Obede (mooki). Ke yena ntata Jese, ntata Davida.

Ruthe 4