7. Mehleng ya kgale, mokgwa wa ho lopolla le wa ho anana Iseraeleng, o tiisang taba tsohle, e be e le ona: Motho o ne a role seeta sa hae, a se nee wa habo; e be e le mokgwa wa ho paka hara Iseraele.
8. Ha ho le jwalo, wa habo Ruthe a re ho Boase: Itopollele yona, a ba a rola seeta sa hae.
9. Boase a re ho baholo le ho setjhaba kaofela: Kajeno le dipaki tsa hore ke rekile ho Naomi tsohle tseo e bileng tsa Elimeleke, le tsohle tseo e bileng tsa Kilione le tsa Mahalone;
10. le Ruthe wa Moabe, mosadi wa Mahalone, ke ithuetse yena e be mosadi wa ka, ke tle ke tsose lebitso la ya shweleng lefeng la hae, le hore lebitso la ya shweleng le se ke la kgaolwa setjhabeng sa habo le lekgotleng la motse wa habo; kajeno le dipaki.