Ruthe 4:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ntlo ya hao e be jwaloka ntlo ya Peretse, eo Tamare a mo tswaletseng Juda, ka bana bao Jehova a tla o nea bona ka morwetsana eo!

13. Ebile Boase o nka Ruthe, ya eba mosadi wa hae; a ya ho yena, mme Jehova a mo emodisa, mme a tswala moshanyana.

14. Basadi ba re ho Naomi: Ho bokwe Jehova, ya sa kang a o tima wa heno kajeno, eo lebitso la hae le tla tuma Iseraeleng.

15. A e ke e be motshedisi wa moya wa hao, le mofepi wa boqheku ba hao, etswe a tswetswe ke ngwetsi ya hao e o ratang, e leng motho ya molemo ho wena le ho feta bara ba supileng.

16. Naomi a nka ngwana, a mo sika fubeng sa hae, a mo hodisa.

17. Jwale basadi ba ahisaneng le yena ba mo rea lebitso, ba re: Naomi o tswaletswe moshanyana! Ba bitsa lebitso la hae Obede (mooki). Ke yena ntata Jese, ntata Davida.

18. Ke lena leloko la Peretse: Peretse a tswala Hetsrone,

19. Hetsrone a tswala Rame, Rame a tswala Amminadabe,

20. Amminadabe a tswala Nashone, Nashone a tswala Salma,

Ruthe 4