1. Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula.
2. Ebile Boase o bitsa banna ba leshome ba baholo ba motse, a re ho bona: Dulang mona. Mme ba dula.
3. A ntoo re ho wa habo Ruthe: Naomi, ya kgutlileng naheng ya Moabe, o reka ka koto se seng sa tshimo eo e neng e le ya Elimeleke, ngwanabo rona.
4. Ke itse, e ka kgona ke o bolelle, ke re: O se reke pontsheng ho ba ahileng motseng ona le pontsheng ho baholo ba setjhaba sa heso. Ha ekaba o rata ho se lopolla, o se lopolle; ha o sa rate ho se lopolla, o ntsebise, ke tle ke tsebe; hobane ha ho e mong ya ka se lopollang haese wena, mme ke nna ya o hlahlamang. Ebile eo o re: Ke rata ho se lopolla.