Ruthe 4:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Boase a ya kgotla, a dula teng. Jwale wa habo Ruthe eo a neng a mmoletse, a tshoha a feta teng. Yaba o mmitsa, a re: Nnyeo, tloo le kwano, o dule mona. Eo a kgelohela, a dula.

2. Ebile Boase o bitsa banna ba leshome ba baholo ba motse, a re ho bona: Dulang mona. Mme ba dula.

3. A ntoo re ho wa habo Ruthe: Naomi, ya kgutlileng naheng ya Moabe, o reka ka koto se seng sa tshimo eo e neng e le ya Elimeleke, ngwanabo rona.

Ruthe 4