Ruthe 3:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Bosiu bo boholo, monna eo a tshoha, a fetoha, a bona mosadi a robetse maotong a hae.

9. A re: O mang na? Yena a re: Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; o ale moleka wa kobo ya hao, hodima lekgabunyane la hao, etswe o le wa heso.

10. Boase a re: O hlohonolofatswe ke Jehova, moradi wa ka, hobane o entse sa morao hantle ho feta sa pele, kamoo o sa kang wa latella bahlankana kateng, leha e le ba ruileng, leha e le ba fumanehileng.

11. Mme jwale, moradi wa ka, se tshabe; ke tla o etsa ka tsohle tseo o di boletseng, hobane bohle ba motse wa tjhaba sa heso ba tseba hobane o mosadi ya kgabane.

12. Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna.

13. Leha ho le jwalo, dula mona bosiu bona, mme hosasa, ha a rata ho phetha ditokelo tsa wa heno sebakeng sa hao, ke teng, a fele a di phethe; ha a sa rate ho phetha ditokelo tsa wa heno sebakeng sa hao, ka Jehova ya utlwang, ke nna ke tla di phetha; robala, ho be ho se.

14. A robala jwalo maotong a hae, ha ba ha esa; a ntoo tsoha, batho ba eso ho tsebe ho bonana. Hobane Boase o ne a itse: Ho se ke ha tsejwa hobane mosadi o kene seotlong.

15. A ntoo re ho yena: Nnee kobo eo o e apereng, o e tshware. A e tshwara, mme Boase a lekanya tekanyo tse tsheletseng tsa harese, a mo jarisa tsona, mme a boela hae.

16. Ruthe a tla ho matsalae; eo a re: Ho jwang, moradi wa ka? Yaba o mo phetela tsohle tseo monna eo a mo entseng tsona.

17. Hape a re: Tekanyo tseo tse tsheletseng tsa harese o nneile tsona, ka ho re: O se ke wa kgutlela ho matsalao o le feela.

18. Ebile Naomi o re: Dula, moradi wa ka, o be o tsebe kamoo taba ena e tla etsahala kateng; hobane monna eo a ke ke a lesa taba eo, a sa e phethe kajeno.

Ruthe 3