14. A robala jwalo maotong a hae, ha ba ha esa; a ntoo tsoha, batho ba eso ho tsebe ho bonana. Hobane Boase o ne a itse: Ho se ke ha tsejwa hobane mosadi o kene seotlong.
15. A ntoo re ho yena: Nnee kobo eo o e apereng, o e tshware. A e tshwara, mme Boase a lekanya tekanyo tse tsheletseng tsa harese, a mo jarisa tsona, mme a boela hae.
16. Ruthe a tla ho matsalae; eo a re: Ho jwang, moradi wa ka? Yaba o mo phetela tsohle tseo monna eo a mo entseng tsona.