Ruthe 3:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ebile Naomi matsalae o re ho yena: Moradi wa ka, na nke ke ka o batlela phomolo, o tle o iketle na?

2. Ha ke re jwale, Boase eo o kileng wa sebetsa le barwetsana ba hae ke wa heso na? Bona, bosiung bona, o ya olosa harese seotlong.

3. O iphotle, o tlole, o apare dikobo tsa hao, o theohele seotlong; o mpe o se ke wa ipontsha monna eo, a eso ho qete ho ja le ho nwa.

4. Ha a ya robala, o tsebe moo a robalang; jwale o ye, o apole maoto a hae, o robale fatshe teng; o tla o bolella seo o tla se etsa.

5. Ruthe a re ho yena: Ke tla etsa kahohle kamoo o mpolellang kateng.

6. Ebile o theohela seotlong, a etsa kahohle kamoo matsalae a mo laetseng kateng.

7. Eitse hobane Boase a je, a nwe, pelo ya hae e thabile, a ya robala qetellong ya setha sa harese. Ruthe a tla a nanya, a apola maoto a Boase, mme a robala.

8. Bosiu bo boholo, monna eo a tshoha, a fetoha, a bona mosadi a robetse maotong a hae.

9. A re: O mang na? Yena a re: Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; o ale moleka wa kobo ya hao, hodima lekgabunyane la hao, etswe o le wa heso.

10. Boase a re: O hlohonolofatswe ke Jehova, moradi wa ka, hobane o entse sa morao hantle ho feta sa pele, kamoo o sa kang wa latella bahlankana kateng, leha e le ba ruileng, leha e le ba fumanehileng.

11. Mme jwale, moradi wa ka, se tshabe; ke tla o etsa ka tsohle tseo o di boletseng, hobane bohle ba motse wa tjhaba sa heso ba tseba hobane o mosadi ya kgabane.

12. Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna.

Ruthe 3