5. Boase a eketsa a botsa mohlanka ya beilweng molebedi wa bahedi, a re: Morwetsana eo ke wa mang?
6. Mohlanka ya beilweng molebedi wa bahedi a araba, a re: Ke morwetsana wa Moabe ya sa tswa fihla le Naomi, a etswa naheng ya Moabe.
7. O itse: Ntumelle ke thole, ke thonake pela mangata, ke ntse ke setse bahedi marao. O kene jwalo, o nnile a thonaka haesale hosasa, ho fihlela jwale, haese motsotso oo a keneng tlung ho phomola hanyenyane.
8. Ebile Boase o re ho Ruthe: O a utlwa, moradi wa ka, o se ke wa ya thonaka tshimong e nngwe, leha e le ho ya hosele; o sale mona le barwetsana ba ka;
9. mahlo a hao a tadime tshimo eo ba e helang, o ba sale morao. Ha ke re, ke laetse bahlankana hore ba se ke ba o ama? Leha o ka nyorwa, o ye dinkgong, o nwe se kgilweng ke bahlankana.
10. Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?
11. Boase a araba, a re ho yena: Ho tsebiswa ke tsebisitswe hohle kamoo o entseng matsalao kateng, haesale ho timela monna wa hao, kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona o bileng o tlile tjhabeng seo o neng o sa se tsebe pele.
12. Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.
13. Ruthe a re: A nke ke bone mohau pela hao, mong a ka, etswe o ntshedisitse, o buile le pelo ya lekgabunyane la hao, leha ke se jwaloka le leng la makgabunyane a hao.