Ruthe 2:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ruthe a re: A nke ke bone mohau pela hao, mong a ka, etswe o ntshedisitse, o buile le pelo ya lekgabunyane la hao, leha ke se jwaloka le leng la makgabunyane a hao.

14. Ha ho jewa, Boase a re ho yena: Atamela mona, o je bohobe o qopetse mothamo wa hao wa bohobe aseneng. Ebile o dula pela bahedi; ba mo nea matshohlo, a ja, a kgora, le ho boloka a boloka.

15. A ntoo tsoha, a ya thonaka. Boase a laela bahlankana ba hae, a re: A thonake le hara mangata, mme le se ke la mo kgalemela.

16. Hape, le mo rutlele diqwapi tse ding mangateng, le di siye, a tle a ithonakele tsona, mme le se ke la mo omanya.

17. A thonaka jwalo tshimong eo, ya ntoo ba mantsiboya, a ba a pola seo a se thonakileng, ya batla ho ba efa ya harese.

18. A e nka, a ya le yona hae, mme matsalae a bona seo a se thonakileng. Ruthe a ntsha le seo a neng a se bolokile, hobane a kgore, mme a mo nea sona.

19. Yaba matsalae o mmotsa, a re: O thonakile kae kajeno? O sebeditse kae? Ho bokwe ya o etseng hloko! Ruthe a bolella matsalae motho eo a sebeditseng ha hae, a re: Lebitso la monna eo ke sebeditseng ha hae kajeno ke Boase.

20. Naomi a re ho ngwetsi ya hae: A ke a hlohonolofatswe ke Jehova, ya sa kang a tima ba phelang le ba shweleng lereko la hae! Naomi a eketsa a re ho yena: Monna eo ke wa mofuta wa heso, efela ke wa habo rona.

21. Ruthe wa Moabe a re: Hape o itse ho nna: Sala bahlankana ba ka morao, ho fihlela ba ba ba qeta ho hela ha ka.

22. Naomi a re ho Ruthe, ngwetsi ya hae: Ho hotle, moradi wa ka, ha o eya le barwetsana ba hae, o se ke wa bonwa tshimong esele.

23. A kopana kahoo le barwetsana ba Boase, a ntse a thonaka, ha ba ha qetwa ho hela harese le koro. O ne a ntse a ahile le matsalae.

Ruthe 2