1. Naomi o ne a na le wa habo monna wa hae, monna ya matla, ya ruileng, wa lesika le Elimeleke, lebitso la hae e le Boase.
2. Ruthe wa Moabe a re ho Naomi: Ntumelle hle, ke ye masimong, ke thonake diqwapi ke setse ba ka nkgauhelang morao. Naomi a re ho yena: O ka ya, moradi wa ka.
3. Yaba o tloha, a ya thonaka masimong, a ntse a setse ba helang morao, mme a tshoha a nepisitswe tshimo ya Boase wa lesika la Elimeleke.
4. Mme bonang, Boase a tswa Bethlehema, a fihla, a re ho bahedi: Jehova a be le lona! Ba araba, ba re ho yena: E, Jehova a o hlohonolofatse!
5. Boase a eketsa a botsa mohlanka ya beilweng molebedi wa bahedi, a re: Morwetsana eo ke wa mang?
6. Mohlanka ya beilweng molebedi wa bahedi a araba, a re: Ke morwetsana wa Moabe ya sa tswa fihla le Naomi, a etswa naheng ya Moabe.
7. O itse: Ntumelle ke thole, ke thonake pela mangata, ke ntse ke setse bahedi marao. O kene jwalo, o nnile a thonaka haesale hosasa, ho fihlela jwale, haese motsotso oo a keneng tlung ho phomola hanyenyane.
8. Ebile Boase o re ho Ruthe: O a utlwa, moradi wa ka, o se ke wa ya thonaka tshimong e nngwe, leha e le ho ya hosele; o sale mona le barwetsana ba ka;
9. mahlo a hao a tadime tshimo eo ba e helang, o ba sale morao. Ha ke re, ke laetse bahlankana hore ba se ke ba o ama? Leha o ka nyorwa, o ye dinkgong, o nwe se kgilweng ke bahlankana.
10. Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?
11. Boase a araba, a re ho yena: Ho tsebiswa ke tsebisitswe hohle kamoo o entseng matsalao kateng, haesale ho timela monna wa hao, kamoo o tlohetseng ntatao le mmao kateng, le naha eo o tswaletsweng ho yona o bileng o tlile tjhabeng seo o neng o sa se tsebe pele.