Ruthe 1:3-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Yaba Elimeleke, monna wa Naomi, o a shwa, ha sala mosadi le bara ba hae ba babedi.

4. Bao ba nyala basadi ba Moabe, lebitso la e mong e le Orpa, lebitso la wa bobedi e le Ruthe. Ba dula teng ya batla ho ba dilemo tse leshome.

5. Le bona Mahalone le Kilione ba eshwa ba babedi, ha sala mosadi eo ya shwetsweng ke bara ba hae ba babedi le monna wa hae.

6. Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo.

7. A tloha moo a neng a le teng, a ena le dingwetsi tsa hae tse pedi, mme ba ikela ka tsela e boelang naheng ya Juda.

8. Ebile Naomi o re ho dingwetsi tsa hae tse pedi: Kgutlang, le ipoelle e mong le e mong tlung ya mmae; Jehova a le etse ka mohau, kamoo le etseditseng nna kateng, le ba shweleng.

9. Jehova a nee e mong le e mong wa lona kgatholoho tlung ya monna wa hae. Ebile o a ba aka, mme ba phahamisa mantswe a bona, ba lla.

10. Ba re ho yena: Tjhe, re tla mpe re ye le wena tjhabeng sa heno.

Ruthe 1