Ruthe 1:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Naomi a be a re: Bona, ngwaneno o kgutletse tjhabeng sa habo le ho medimo ya habo; sala ngwaneno morao.

16. Ruthe a re: O se ke wa mphehella hore ke o siye, ke tlohele ho ya le wena; hobane ke tla ya moo o yang, ke dule moo o dulang; tjhaba sa hao ke tjhaba sa ka, mme Modimo wa hao ke Modimo wa ka.

17. Ke tla shwa moo o shwang, ke epelwe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore, ha nka kgaohana le wena, haese ka lefu.

18. Naomi, ha a bona hobane o pheheletse ho tsamaya le yena, a lesa ho bua le yena.

19. Ba ntoo tsamaya ba babedi, ba ba ba fihla Bethlehema. Eitse ha ba kena Bethlehema, motse kaofela wa dumaduma ka baka la bona, ha thwe: Na enwa hase Naomi na?

20. Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo.

21. Ke ile ke tletse, mme Jehova o nkugtlisitse ke le feela; le sa mpiletsang Naomi, athe Jehova o nkotlile, mme Ya matla wohle o ntshwabisitse!

22. Ke hona ho kgutla ha Naomi, ba ena le Ruthe wa Moabe, ngwetsi ya hae, ha ba etswa naheng ya Moabe. Ba fihla Bethlehema, batho ha ba qala ho hela harese.

Ruthe 1