11. Naomi a re: Kgutlang, baradi ba ka; ke ha le elang le nna? Hleka le re, ke sa na le bana popelong ya ka, e tle e be banna ba lona na?
12. Kgutlang, baradi ba ka, le ikele, etswe ke se ke tsofetse; ke se nka sitwa ho bona monna e mong. Leha nka le tshepisa ka ho re, nka bona monna le ka bona bosiu bona, ke be ke tswale bana,
13. na le ne le tla hle le ba lebelle, ba be ba hole na? Na le ne le tla hana banna ka baka la bona na? Tjhe, baradi ba ka, ke mpa ke swabile haholo bakeng sa lona, kahobane letsoho la Jehova le nkokobeditse.
14. Ba boela ba phahamisa mantswe a bona, ba lla. Yaba Orpa o aka matsalae, Ruthe a mpa a mo kgomarela.
15. Naomi a be a re: Bona, ngwaneno o kgutletse tjhabeng sa habo le ho medimo ya habo; sala ngwaneno morao.
16. Ruthe a re: O se ke wa mphehella hore ke o siye, ke tlohele ho ya le wena; hobane ke tla ya moo o yang, ke dule moo o dulang; tjhaba sa hao ke tjhaba sa ka, mme Modimo wa hao ke Modimo wa ka.
17. Ke tla shwa moo o shwang, ke epelwe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore, ha nka kgaohana le wena, haese ka lefu.
18. Naomi, ha a bona hobane o pheheletse ho tsamaya le yena, a lesa ho bua le yena.
19. Ba ntoo tsamaya ba babedi, ba ba ba fihla Bethlehema. Eitse ha ba kena Bethlehema, motse kaofela wa dumaduma ka baka la bona, ha thwe: Na enwa hase Naomi na?
20. Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo.