7. Banna bohle bao o entseng selekane le bona ba o kgutliseditse moeding wa hao; banna ba nang le kgotso le wena ba o thetsitse, ba o phomile; ba neng ba eja bohobe ba hao, ba o tjheketse mamena. Ha ho kutlwisiso ho yena!
8. Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, na nke ke ka timetsa ba bohlale naheng ya Edomo, le kutlwisiso thabeng ya Esau?
9. Dinatla tsa hao, Themane, di tla thothomela, ho tle ho fediswe banna bohle thabeng ya Esau ka polao.
10. Ka baka la bolotsana boo o bo entseng ho ngwaneno Jakobo, o tla apeswa ka dihlong, o timeletswe ruri, ho isa ka ho sa yeng kae.
11. Tsatsing lela leo o neng o eme pela hae, tsatsing lela leo dira di neng di ya le maruo a hae, mme baditjhaba ba kena ka dikgoro tsa hae, ba laola Jerusalema ka ditaola, le wena o ne o le jwaloka e mong wa bona.
12. Se kgahlwe ke letsatsi la ngwaneno, ke letsatsi la tsietsi ya hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; se ahlamise molomo wa hao ka boikgohomoso ka letsatsi la tsietsi.
13. O se ke wa kena ka kgoro ya setjhaba sa ka ka letsatsi la tlokotsi ya sona; se kgahlwe ke bohloko ba sona ka letsatsi la tlokotsi ya sona; o se ke wa isa matsoho a hao matlotlong a sona ka letsatsi la tlokotsi ya sona.
14. O se ke wa ema makopanong a ditsela ho timetsa batho ba sona ba balehang, o se ke wa neela dira ba phonyohileng ba sona ka tsatsi la tsietsi.
15. Hobane letsatsi la Jehova la ho ahlola ditjhaba tsohle le haufi. Seo o se entseng o tla se etswa le wena, ketso tsa hao di boele hodima hlooho ya hao.
16. Hobane jwalokaha le nwele thabeng ya ka e kgethehileng, ditjhaba tsohle di tla nne di nwe, di inwelle, di kwenye, di be di be jwaloka hoja di sa ka tsa eba teng.
17. Empa ba pholohileng ba tla ba teng thabeng ya Sione; e tla ba nqalo e kgethehileng, mme ba ntlo ya Jakobo ba tla rua tse neng di ruilwe ke ditjhaba tseo.
18. Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau e be jwaloka matlakala; ba tla e tjhesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong wa ntlo ya Esau, hobane Jehova o boletse.
19. Ba ka nqa borwa ba tla rua thaba ya Esau, ba lehwatata ba rue Bafilesta. Ba tla rua le naha ya Efraime, le naha ya Samaria, Benjamine yena a rue Gileade.