1. Tshenolo ya Obadia.Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!
2. Bona, ke o entse e monyenyane hara ditjhaba, o nyediswa haholoholo.
3. Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya ahileng mafarung a mafika, tlung ya hao e phahameng, o reng ka pelong ya hao: Ke mang ya tla ntihela fatshe?
4. Leha o ka haha ntlo ya hao e phahameng, jwaloka ntsu, leha o ka e bea hara dinaledi, le teng ke tla o dihela, ho bolela Jehova.
5. O senyeditswe hakakang! Hoja ke mashodu a keneng ha hao, hoja ke dinokwane, ha ke re, ba ka be ba utswitse tse ba lekanang feela? Hojane ba kotulang merara ba kene ha hao, ha ke re, ba ka be ba siile dikgwahlapiso?
6. Athe Esau o batlisiswa hakakang! ho pheheletswe hakakang matlotlo a hae a patilweng!
7. Banna bohle bao o entseng selekane le bona ba o kgutliseditse moeding wa hao; banna ba nang le kgotso le wena ba o thetsitse, ba o phomile; ba neng ba eja bohobe ba hao, ba o tjheketse mamena. Ha ho kutlwisiso ho yena!
8. Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, na nke ke ka timetsa ba bohlale naheng ya Edomo, le kutlwisiso thabeng ya Esau?
9. Dinatla tsa hao, Themane, di tla thothomela, ho tle ho fediswe banna bohle thabeng ya Esau ka polao.
10. Ka baka la bolotsana boo o bo entseng ho ngwaneno Jakobo, o tla apeswa ka dihlong, o timeletswe ruri, ho isa ka ho sa yeng kae.
11. Tsatsing lela leo o neng o eme pela hae, tsatsing lela leo dira di neng di ya le maruo a hae, mme baditjhaba ba kena ka dikgoro tsa hae, ba laola Jerusalema ka ditaola, le wena o ne o le jwaloka e mong wa bona.
12. Se kgahlwe ke letsatsi la ngwaneno, ke letsatsi la tsietsi ya hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; se ahlamise molomo wa hao ka boikgohomoso ka letsatsi la tsietsi.