5. Jehova a bua le Moshe, a re:
6. O nke Balevi hara bana ba Iseraele, o ba hlwekise.
7. Seo o tla ba etsetsa sona hore o ba hlwekise ka sona, ke sena: O foke hodima bona ka metsi a hlatswang sebe; ba ipeole mmele oohle ka lehare; ba hlatswe diaparo tsa bona, mme ba itlhwekise.
8. Ba tla nka pohwana ya kgomo, le nyehelo ya yona, le lefi la phofo le dubilweng ka ole; o tla nka pohwana e nngwe, e be sehlabelo sa sebe.
9. O tla atametsa Balevi pela tente ya pokano, mme o tla mema phutheho yohle ya bana ba Iseraele.
10. O tla atametsa Balevi pela Jehova, mme bana ba Iseraele ba tla bea matsoho a bona hodima Balevi.
11. Aarone o tla hlahisa Balevi ka lebitso la bana ba Iseraele, e be kabelo e tsokotswang pela Jehova, hore ba tle ba etse tshebetso ya Jehova.
12. Balevi bona ba tla bea matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana; ka e nngwe o tla etsa sehlabelo sa sebe, ka e nngwe o etsetse Jehova setjheso, ho tle ho etsetswe Balevi pheko.
13. O tla emisa Balevi pela Aarone le bara ba hae, mme o tla ba hlahisetsa Jehova e le kabelo e tsokotswang;
14. o tla kgetha Balevi ho bara ba Iseraele; mme Balevi e tla ba ba ka.
15. Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang.
16. hobane ba neilwe nna ruri, hara bana ba Iseraele; mme ke inketse bona bakeng sa letsibolo le leng le le leng la mosadi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.