Numere 8:10-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. O tla atametsa Balevi pela Jehova, mme bana ba Iseraele ba tla bea matsoho a bona hodima Balevi.

11. Aarone o tla hlahisa Balevi ka lebitso la bana ba Iseraele, e be kabelo e tsokotswang pela Jehova, hore ba tle ba etse tshebetso ya Jehova.

12. Balevi bona ba tla bea matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipohwana; ka e nngwe o tla etsa sehlabelo sa sebe, ka e nngwe o etsetse Jehova setjheso, ho tle ho etsetswe Balevi pheko.

13. O tla emisa Balevi pela Aarone le bara ba hae, mme o tla ba hlahisetsa Jehova e le kabelo e tsokotswang;

14. o tla kgetha Balevi ho bara ba Iseraele; mme Balevi e tla ba ba ka.

15. Kamora tseo, Balevi ba tla dumellwa ho etsa mosebetsi wa tente ya pokano. O tla ba hlwekisa, o ba hlahise e le kabelo e tsokotswang.

16. hobane ba neilwe nna ruri, hara bana ba Iseraele; mme ke inketse bona bakeng sa letsibolo le leng le le leng la mosadi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.

17. Hobane matsibolo wohle a bana ba Iseraele ke a ka, a batho le a dikgomo: ke ikgethetse wona mohla ke otlang matsibolo wohle lefatsheng la Egepeta.

18. Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.

19. Ruri ke neile Aarone le bara ba hae Balevi hara bana ba Iseraele, ba tle ba etsetse bana ba Iseraele tshebetso ya tente ya pokano, mme ba etsetse bana ba Iseraele pheko hore kotsi e se ke ya hlahela bana ba Iseraele, mohla bana ba Iseraele ba atamelang sehalalelo.

20. Moshe, le Aarone, le phutheho yohle ya bana ba Iseraele ba etsa bakeng sa Balevi tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe bakeng sa Balevi: bana ba Iseraele ba fela ba etsa jwalo bakeng sa bona.

21. Balevi ba itlhwekisa, ba hlatswa diaparo tsa bona. Aarone a ba hlahisa pela Jehova e le kabelo e tsokotswang, a ba etsetsa pheko hore ba tla ba hlweke.

22. Kamora tseo, Balevi ba kena ho etsa tshebetso ya tente ya pokano, pontsheng ya Aarone le bara ba hae; kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng bakeng se Balevi, ha fela ha etswa jwalo bakeng sa bona.

23. Jehova a bua le Moshe, a re:

24. Tse beetsweng Balevi ke tsena: Ho tloha selemong sa hae sa mashome a mabedi a metso e mehlano, le ho ya pele, Molevi e mong le e mong o tla kena tshebetsong ya tente ya pokano;

25. ha a le dilemo tse mashome a mahlano o tla tswa tshebetsong, mme a ke ke a hlola a e etsa.

Numere 8