Numere 35:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Jehova a bua le Moshe, a re:

10. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le tshele Jordane, mme le kene naheng ya Kanana,

11. le tla ikgethela metse eo e tla ba metse ya setshabelo ho lona, moo ho tla balehela mmolai ya bolaileng motho, e seng ka boomo.

12. Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.

13. Hara metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tsheletseng e tla ba metse ya setshabelo ho lona.

14. Le tla bea metse e meraro ka mose o kwano ho Jordane, mme le tla bea e meraro naheng ya Kanana; e tla ba metse ya setshabelo.

15. Metse eo e tsheletseng e tla ba ditshabelo ho bana ba Iseraele le ho motho wa ditjhaba, le ho motho ya jakileng hara lona; hore e mong le e mong ya bolaileng motho e seng ka boomo, a tle a balehele teng.

16. Ha motho a otla ngwanabo ka ntho ya tshepe, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.

17. Ha a mo otla ka lejwe leo a le tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.

Numere 35