6. Metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tla ba metse e tsheletseng ya setshabelo, moo mmolai a ka balehelang teng, le be le eketse ka metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.
7. Metse yohle eo le tla e nea Balevi e tla ba e mashome a mane a metso e robileng meno e le mmedi le naha e e teelang hare.
8. Bakeng sa metse eo, le tla e nka mafeng a bana ba Iseraele; ba nang le metse e mengata, ba tla nea e mengata, empa ba nang le metse e seng mekae ba tla nea e seng mekae; e mong le e mong o tla nea Balevi metse ya hae ka palo e lekaneng le lefa leo a tlang ho le rua.
9. Jehova a bua le Moshe, a re:
10. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le tshele Jordane, mme le kene naheng ya Kanana,
11. le tla ikgethela metse eo e tla ba metse ya setshabelo ho lona, moo ho tla balehela mmolai ya bolaileng motho, e seng ka boomo.
12. Metse eo e tla ba ditshabelo tsa ho balehela mophetetsi wa madi, mmolai a tle a se ke a bolawa a eso ho hlahe pela phutheho a ahlolelwa teng.
13. Hara metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tsheletseng e tla ba metse ya setshabelo ho lona.
14. Le tla bea metse e meraro ka mose o kwano ho Jordane, mme le tla bea e meraro naheng ya Kanana; e tla ba metse ya setshabelo.