Numere 35:23-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. kapa ha a dihetse lejwe le ka mmolayang hodima hae a sa mmone, mme a eshwa, a sa mo hloya, a sa mo otse,

24. ke ena melao eo phutheho e tla ahloha ka yona mahareng a motho ya otlileng le mophetetsi wa madi:

25. Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi, mme e tla mo kgutlisetsa motseng wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona. O tla aha teng, ho be ho shwe moprista e moholo ya bileng a tlotswa ka ole e kgethehileng.

26. Ha mmolai a ka tswela kantle ho moedi wa motse wa setshabelo, oo a balehetseng ho wona,

27. mme ha mophetetsi wa madi a teana le yena kantle ho moedi wa motse wa setshabelo, ha a ka bolaya mmolai, a ke ke a ba le molato wa polao;

28. hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng wa hae wa setshabelo, ho be ho shwe moprista e moholo; empa etlare ha moprista e moholo a se a shwele, o tla kgutlela lefeng la hae.

29. Hoo e tla ba ho lona le ho ditloholo tsa lona taelo e le tlamang hohle moo le tlang ho aha teng.

30. Ha motho a bolaya e mong, bophelo ba mmolai bo tla kgaolwa ka baka la polelo ya dipaki. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana hore motho a ahlolelwe lefu.

31. Le ke ke la amohela topollo bakeng sa bophelo ba mmolai ya tshwanetseng ho bolawa, hobane ruri o tshwanetse ho bolawa.

Numere 35