22. Empa ha motho a tshoha a otla ngwanabo, e seng ka bora; kapa ha a mo betsa ka ntho e nngwe, a sa etse ka boomo;
23. kapa ha a dihetse lejwe le ka mmolayang hodima hae a sa mmone, mme a eshwa, a sa mo hloya, a sa mo otse,
24. ke ena melao eo phutheho e tla ahloha ka yona mahareng a motho ya otlileng le mophetetsi wa madi:
25. Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi, mme e tla mo kgutlisetsa motseng wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona. O tla aha teng, ho be ho shwe moprista e moholo ya bileng a tlotswa ka ole e kgethehileng.
26. Ha mmolai a ka tswela kantle ho moedi wa motse wa setshabelo, oo a balehetseng ho wona,
27. mme ha mophetetsi wa madi a teana le yena kantle ho moedi wa motse wa setshabelo, ha a ka bolaya mmolai, a ke ke a ba le molato wa polao;
28. hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng wa hae wa setshabelo, ho be ho shwe moprista e moholo; empa etlare ha moprista e moholo a se a shwele, o tla kgutlela lefeng la hae.
29. Hoo e tla ba ho lona le ho ditloholo tsa lona taelo e le tlamang hohle moo le tlang ho aha teng.
30. Ha motho a bolaya e mong, bophelo ba mmolai bo tla kgaolwa ka baka la polelo ya dipaki. Paki e le nngwe e ke ke ya lekana hore motho a ahlolelwe lefu.
31. Le ke ke la amohela topollo bakeng sa bophelo ba mmolai ya tshwanetseng ho bolawa, hobane ruri o tshwanetse ho bolawa.
32. Le ke ke la amohela topollo ho mmolai ya balehetseng motseng wa hae wa setshabelo, a tle a kgutlele naheng ya hae ho aha teng, ha moprista a eso ho shwe.
33. Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona; hobane madi a silafatsa naha; ho ke ke ha etswa pheko esele ya madi a tsholotsweng ho yona, haese ka madi a ya a tsholotseng.
34. Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona, eo ke tlang ho aha ho yona le nna, hobane ke nna, Jehova, ya ahileng hara bana ba Iseraele.