Numere 35:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko,

2. a re: Lefeng leo ba tlang ho le rua, laela bana ba Iseraele ho nea Balevi metse eo ba ka ahang ho yona. Hape le tla nea Balevi naha e teelang metse eo hare.

3. Ba tla rua metse ho aha teng, le naha e pela yona, e tla ba ya makgomo a bona, le ya dintho tsa bona, le ya diphoofolo tsohle tsa bona.

4. Naha e pela metse eo le tla e nea Balevi, e be le bophara ba ditswe tse sekete se le seng, ho tloha lerakong la motse ho isa moeding wa yona ka nqa tsohle.

5. Le tla lekanya kantle ho motse ditswe tse dikete tse pedi ka nqa botjhabela, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa borwa, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa bophirimela, le ditswe tse kete tse pedi ka nqa leboya. Motse o tla ba kahare. Naha e teelang metse ya bona hare e tla ba jwalo.

6. Metse eo le tlang ho e nea Balevi, e tla ba metse e tsheletseng ya setshabelo, moo mmolai a ka balehelang teng, le be le eketse ka metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.

7. Metse yohle eo le tla e nea Balevi e tla ba e mashome a mane a metso e robileng meno e le mmedi le naha e e teelang hare.

Numere 35