1. Jehova a bua le Moshe mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko,
2. a re: Lefeng leo ba tlang ho le rua, laela bana ba Iseraele ho nea Balevi metse eo ba ka ahang ho yona. Hape le tla nea Balevi naha e teelang metse eo hare.
3. Ba tla rua metse ho aha teng, le naha e pela yona, e tla ba ya makgomo a bona, le ya dintho tsa bona, le ya diphoofolo tsohle tsa bona.
4. Naha e pela metse eo le tla e nea Balevi, e be le bophara ba ditswe tse sekete se le seng, ho tloha lerakong la motse ho isa moeding wa yona ka nqa tsohle.