5. ho tloha Atsmone, o tla pota ho isa molapong wa Egepeta, mme o kene Lewatleng.
6. Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.
7. Moedi wa lona, ka nqa leboya, e tla ba ona: O tla tloha Lewatleng le Leholo, mme le tla o fihlisa thabeng ya Hore;
8. ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade,
9. o fete ka Sifrone, mme o felle Hatsar-Enane. Moedi wa lona e tla ba wona ka nqa leboya.
10. Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame;
11. ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,
12. mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.
13. Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.
14. Hobane leloko la bara ba Rubene ka matlo a bontata bona, le leloko la bara ba Gade ka matlo a bontata bona, le ba halofo ya leloko la Manasse, ba se ba nkile lefa la bona.
15. Meloko e mmedi eo le halofo ya leloko, ba se ba nkile lefa la yona ka mose o kwano wa Jordane, mabapa le Jeriko, ka nqa botjhabatsatsi.
16. Jehova a bua le Moshe, a re: